Winnie
Madikizela
Mandela
September 1936 – April 2018
Sefela 146
01
Lekunutung le Morena,
O, ho monate hakaakang!
Ke buisana le eena
Kamoo pelong ke ikutloang.
Ke 'molelle ditsietsi
Tse nkgathatsang tsa lefatshe,
Ke role tsohle tse ho 'na,
Lekunutung le Morena.
Lekunutung le Morena
Ke fumane setshabelo.
Diqhafutso le meleko.
Leha sera se bohale,
Se ntlohela, se balehe,
Ha se nkwela, se mphumana
Lekunutung le Morena.
Lekunutung le Morena
Ho'na ke lehlohonolo
Ha ke bua, oa 'mamela
O nkaraba ka lerato.
Ha ke 'matla sefahleho.
Ka pelong ho tlala thabo;
Ke monyaka, ha ke tena
Lekunutung le Morena...
Sefela 308
02
Ke se ke utloile,
Jesu, ha o mpitsa;
O mpona ke lahlehile,
O re oa mpholosa.
E, ke dumetse,
Nthole Morena;
Ntlhatswe, ntlhokodisise,
Ke be motle le 'na.

Ke tla ka ditshila
Ke moetsadibe
Ke tla ke le feela-feela;
Oho, nkgauhele!
E, ke dumetse ...

Nkapese ka matla,
Wena ka sebele;
Ntlholele sebe ka mehla,
O nketse mohale.
E, ke dumetse ..

Wena ea mpitsitseng,
Nthuise tumelo.
Lerato le phethehileng,
Le kgotso le thabo.
E, ke dumetse ...

O ntlhwekise pelo,

O mpuse le kutlo, Tsohle tse ho 'na tsa botho,
Di kganye ka hlweko,
E, ke dumetse ...
Sefela 89
03
Se teng sediba sa madi
Aletareng ya tefelo.
Diba see e leng sehlare;
Matl'a sona ke bophelo

Baetsadibe ba batsho
Ba se kenang ka tumelo,
Ba tloha teng ka bosweu,
Ka thabo le ka tshoarelo

Esale ke itlhatsoa teng,
Ke ntse ke bina topollo;
Ke be ke kene Moreneng
Bodulong ba dinyakallo.

Mohlang oo, ke tla kopana
Kganyeng le bohle ba hlotseng,
Ba binang pel'a Konyana
Rato le ba lopolotseng.

Ba re: Amen, alleluya!
Ho boraro bo teroneng;
Ntate, le Mora, le Moya
Ba binwe ka ho sa feleng
Nzulu yemfihlakalo
04
Nzulu yesimanga!
Ezalise umhlaba,
Nesibaka-baka.
Le nzulu yesimanga,
NgokaThix’ uNyana;
Oweza ebantwini,
ngokubasindisa.

Wabon’ uluntulonke
Luweesonweni;
Imiphefumlo yonke
Ihlel’ elishweni;
Wasikwayimfesane,
Engumangaliso;
Wathabathela kuYe,
Lonk’ ihlazolabo.

Kwaba ngummangaliso
Ukuzalwa kwaKhe;
Waphila, wafundisa,
Ngokuncamisayo.
Wabangummangaliso
Umnqamlezo waKhe;
Wafa, wooyis’ ukufa,
Saba sisimanga.

Hayi! obobunzulu
Bolu thando lwaKho;
Naloomsebenzi waKho
Ongenakuqondwa.
Abakholwayo namhla
Abanakugwetjwa;
Ma udunyiswenKosi,
Kus’ ephakadeni.
Amen.